PHETOLO YA BILI YA NAHA YA DIPAPADI LE BOIKGATHOLLO
Jwalo ka ha e hlahisitswe Sebokeng sa Setjhaba jwalo ka Bili ya karolo ya 75l; kakaretso ya tlhaloso ya Bili tse phatlaladitsweng Koranteng ya mmuso ya No. 0000wa 00 ??????? 2006
LETONA LA DIPAPADI LE BOIKGATHOLLO
B ?2006 ISBN 0 621
Mantswe a ngotsweng ka botsho masakaneng a sekwere a supa ho siiuweng ditshisinyong tse leng teng ha jwale.
Mantswe a sehetsweng mola ka tlase a supa ho kentsweng ditshisinyong tse leng teng ha jwale.
BILI
Ya ho fetola Molao wa Naha wa Dipapadi le Boikgathollo, 1998, ka ho hlakola le ho kenya ditlhaloso tse itseng; ho kenya Khomishene ya Dipapadi sebakeng sa SASCOC; le ho lokisetsa ditaba tse amanang le ona.
Phetolo ya karolo ya 1 ya Molao wa 110 wa 1998
Karolo ya 1 ya Molao wa Naha wa Dipapadi le Boikgathollo, 1998 (oo mona o tla tsejwa ka Molao o ka sehloohong), mona e fetolwa ka? 5
a ho hlakolwa ha tlhaloso ya ??Seboka se Akaretsang??;
d ho nkuwa sebaka sa tlhaloso ya ??federeishene ye naha?? sa tlhaloso e latelang: ?? ?federeishene ye naha? ho bolelwa mokga wa naha o laolang wa khoutu ya dipapadi kapa ketsahalo ya boikgathollo Rephaboliking o elwang hloko ke mokga o tshwanetseng wa matjhaba o laolang bakeng sa tsamaiso ya 15 le taolo khoutu e amanang le yona ya dipapadi kapa ketsahalo ya boikgathollo ka hara Rephaboliki;??;
e ho hlakolwa ha tlhaloso ya ??NOCSA??;
f ho hlakolwa ha tlhaloso ya ??lefapha la provinse la dipapadi le boikgathollo??; 20
g ho hlakolwa ha tlhaloso ya ??Mokgatlo wa Boikgathollo??;
i ho hlakolwa ha tlhaloso ya ??SISA??;
j ho kengwa ha ditlhaloso tse latelang ka mora tlhaloso ya ??SISA??: ?? ?SASCOC? 25 e bolela mokga wa dipapadi o seng tlasa mmuso o bopilweng ka dikarolo tse latelang?
a difedereishene tsa dinaha tsa di-Olimpiki;
b difedereishene tsa dinaha tsa Commonwealth;
c Dipapadi tsa dikolo ka ho ya ka moo di emetsweng ka teng botong ya Khonfedereishene ya Dipapadi le Komiti ya Di-Olimpiki ya Afrika Borwa 30
ka ho latela ditokomane tsa yona tsa ditumellano;
d Dipapadi tsa di-institjhushene tse phahameng ho kenyelletswa le Dikholetjhe tsa Thuto le Thupelo tse Phahameng;
e difedereishene tsa naha tse sebetsang ka ba-atelete ba sa itekanelang;
Dipapadi le Boikgathollo;??;
mokgatlo wa dipapadi kapa boikgathollo? o bolela federeishene efe kapa efe ya naha, ejensi kapa mokgatlo, ho kenyelletswa le terasete kapa khampani e ngodisitsweng ya federeishene e jwalo ya naha
Ejensi kapa mokgatlo, o amehang tsamaising ya dipapadi kapa boikgathollo boemong ba naha;??;
l ho hlakolwa ha tlhaloso ya ??Khomishene ya Dipapadi??;
m ho hlakolwa ha tlhaloso ya ?Mokgatlo wa Dipapadi??; le n ho hlakolwa ha tlhaloso ya ??WASSA??.
Phetolo ya karolo ya 2 ya Molao wa 110 wa 1998
Karolo ya 2 ya Molao o ka sehloohong mona e fetolwa ka?
a ka ho kenya karolong e nyenyane ya 1 karolo ena e latelang e nyenyane:
[Khomishene ya Dipapadi] SASCOC e tla ba yona feela mokgatlo o moholo o hokahanyang wa naha bakeng sa kgothaletso le ntshetsopele ya tshebetso e hodimo ya dipapadi le boikgathollo Rephaboliking, ntle le
NOCSA.??;
bho kenya karolong e nyenyane ya 2 karolo ena e latelang e nyenyane:
[Khomishene ya Dipapadi] SASCOC e ka re, nako le nako, ya hlahisa ditataiso bakeng sa kgothaletso le ntshetsopele ya tshebetso e hodimo ya dipapadi le boikgathollo.??;
c ka ho kenya karolong e nyenyane ya 3 bakeng sa temana ya b temana e latelang:
b [Khomishene ya Dipapadi] SASCOC e ka re, ka ho ngola fatshe, ya kopa
Ministry ya mmuso, lefapha, bolaodi ba provinse kapa ba selehae ho rerisana le
Yona mabapi le diketsahalo tse boletsweng temaneng e nyenyane ya a temana ya (a).??;
d ka ho kenya karolong e nyenyane ya 4 karolo ena e latelang e nyenyane:
Mekga yohle ya dipapadi le boikgathollo e lokela ho rerisana le ho hokahana le [Khomishene ya Dipapadi] SASCOC tabeng efe kapa efe e laetsweng ke molawana.?
Ho hlakolwa ha karolo ya 3 ya Molao wa 110 wa 1998
Karolo ya 3 ya Molao o ka sehloohong mona e ya hlakolwa.
Ho kengwe karolo ya 3A ya Molao wa 110 wa 1998
Karolo e latelang mona e kengwa Molaong o ka sehloohong, ka mora karolo ya 3:
Tumellano ya boemo ba tshebeletso
Ke Molao ona.
Letona le lokela hore, ka mora therisano le SASCOC, le etse melawana
E mabapi le?
a tshebetso ya ho rerisana ka tumellano ya boemo ba tshebeletso, ho kenyelletswa le
Nako eo ka yona ditherisano di lokelwang ho phethwa ka yona;
b ditaba tseo ho ka shejanwang le tsona tumellanong ya boemo ba tshebeletso mme tse ka kenyelletsang maemo a amohelehileng, ditsela tse hlokehang le dibeo tsa ho lekanya le ho lekola ho phethw aha mesebetsi ya SASCOC ka ho ya ka Molao ona.?
Phetolo ya karolo ya 4 ya Molao wa 110 wa 1998
Karolo ya 4 ya Molao o ka sehloohong mona e a fetolwa? (a) ka ho kenya karolong e nyenyane ya karolo ena e latelang e nyenyane: ?? Letona, ka mora ho rerisana, le ka mora ho ela hloko ditshisinyo tse entsweng ke [Khomishene ya Dipapadi] [NOCSA, mabapi le Dipapadi tsa di-Olimpiki,] SASCOC nako le nako, la hlwaya leano le akaretsang le tla latelwa mabapi le dipapadi le boikgathollo.??; (b) ka ho kenya karolong e nyenyane ya bakeng sa temana ya (b) temana ena e latelang: ??(b) ho fana ka ditjhelete selemo le selemo bakeng sa ho thehwa le ho ntlafatswa ha dibaka tsa merero e mengata e fapaneng ya dipapadi le boikgathollo ka ho latela dipehelo tsa karolo ya 10 le ka ho ya ka dintho tse ka hodimo lenaneng, jwalo ka ha di tla behwa, nako le nako, ke [Khomishene ya Dipapadi] SASCOC ka therisano le mekgatlo e tshwanetseng ya dipapadi le boikgathollo ya diprovinse le selehae;??.
Ho hlakolwa ha karolo ya 5 ya Molao wa 110 wa 1998
Karolo ya 5 ya Molao o ka sehloohong mona e a hlakolwa.
Phetolo ya karolo ya 6 ya Molao wa 110 wa 1998
Karolo ya 6 ya Molao o ka sehloohong mona e a fetolwa? (a) ka ho kenya sehlooho se latelang: ??Difedereishene tsa naha [le boikgathollo]?? (b) ka ho kenya karolong e nyenyane ya karolo ena e latelang e nyenyane: ?? Difedereishene [Tsa Naha] [le boikgathollo] di lokela ho ba le boikarabelo bo felletseng ba ditaba tsa polokeho dikarolong tsa tsona tsa dipapadi le boikgathollo.??; (c) ka ho kenya karolong e nyenyane ya karolo ena e latelang e nyenyane: ?? Difedereishene [Tsa Naha] [le boikgathollo] di lokela ho ba le seabo se mafolofolo mananeong a tshehetsang le ditshebeletsong tsa [Khomishene ya Dipapadi] SASCOC.??.
Ho nkuwa ha sebaka sa karolo ya 7 sa Molao wa 110 wa 1998
Karolo e latelang mona e nkela sebaka karolo ya 7 ya Molao o ka sehloohong:
Thupelo ya baetapele ba dipapadi le boikgathollo
Ya fana ka tshehetso tlhophisong le ho faneng ka diwekeshopo tsa thupelo,
Ya ba le diseminara bakeng sa baetapele ba dipapadi le boikgathollo, batsamaisi, di-ateministreitara, bakwetlisi ba dipapadi le bahlanka ba dipapadi tshebedisanong mmoho le
Difedereishene tse tshwanetseng tsa dinaha le mekga e meng e meholo;
Ya nka mehato bakeng sa ho etsa bonnete ba hore methiriele ya thupelo e ya tshwana hape e latela maemo a amohelehileng a yuniti jwalo ka ha a hlahisitswe ke ba
Ya boloka databeise ya baetapele ba rupelletsweng ba dipapadi le boikgathollo, dimanejara, di-ateministreitara, bakwetlisi ba dipapadi le bahlanka ba tekgeniki
Ba boletsweng temaneng ya (a) tshebedisanong mmoho le difedereishene tse tshwanetseng tsa naha le
Mekgatlo e meholo; mme
Ya hlahisa le ho ntjhafatsa ka mokgwa o tswelang pele moralo o yang ka leano bakeng sa thuto le thupelo.?
Phetolo ya karolo ya 8 ya Molao wa 110 wa 1998
Karolo ya 8 ya Molao o ka sehloohong mona e a fetolwa?
a ka ho kenya karolong e nyenyane ya 1 karolo ena e latelang e nyenyane:
[Khomishene ya Dipapadi] SASCOC [e tla] e lokela hore, ka ho latela leano la yona la ho thusa ka ditjhelete le [dipehelo tsa] karolo ya 10, e fane ka dibaka tsa dipapadi le boikgathollo boemong ba naha, ka ho ya ka ho ba teng ha ditjhelete.??;
b ka ho kenya karolong e nyenyane ya 3 karolo ena e latelang e nyenyane:
[Khomishene ya Dipapadi] SASCOC [e tla] e lokela hore ha e rera dibaka tseo, e etse bonnete ba hore ho bile le kelo hloko e ikgethang ya phihlelo dibaka tseo ke batho ba dipapadi le babohi ba sa itekanelang.??.
Phetolo ya karolo ya 9 ya Molao wa 110 wa 1998
Karolo ya 9 ya Molao o ka sehloohong mona e a fetolwa?
a ka ho kenya karolong e nyenyane ya 1 karolo ena e latelang e nyenyane:
[Khomishene ya Dipapadi] SASCOC e lokela ho hlophisa mananeo ao sepheo sa ona e leng ho susumetsa setjhaba ho bapala.??;
b ka ho kenya karolong e nyenyane ya 2 bakeng sa mantswe a etelletseng pele a mantswe ana a latelang:
Khomishene ya Dipapadi SASCOC e lokela ho???;
c ho kenya karolong e nyenyane ya 2 mantswe a reng ??Khomishene ya Dipapadi?? temaneng ya c ya mantswe ana ??SASCOC??.
Phetolo ya karolo ya 10 ya Molao wa 110 wa 1998
Karolo ya 10 ya Molao o ka sehloohong mona e a fetolwa?
a ka ho kenya karolong e nyenyane ya 1 bakeng sa mantswe a etelletseng pele temana ya a ya mantswe a latelang: ??[Khomishene ya Dipapadi] SASCOC e lokela hore, ka ho latela maano a yona a ho thusa ka ditjhelete???;
b ka ho kenya karolong e nyenyane ya 2 karolo ena e latelang e nyenyane:
[Khomishene ya Dipapadi] SASCOC e lokela hore, ha e aba ditjhelete ho difedereishene [le boikgathollo] tsa naha, e hlwaye tekanyetso ya thuso ya ditjhelete e lokelwang ho sebediswa bakeng sa ntshetsopele.??.
Phetolo ya karolo ya 11 ya Molao wa 110 wa 1998
Karolo ya 11 ya Molao o ka sehloohong mona e a fetolwa?
a ka ho kenya karolong e nyenyane ya 1 karolo ena e latelang e nyenyane:
[Khomishene ya Dipapadi] SASCOC e lokela ho thea boto ya mebala ya naha e tla ela hloko dikopo tsohle tsa ho fana ka mebala ya naha.??;
b ka ho kenya karolong e nyenyane ya 3 karolo ena e latelang e nyenyane:
[Khomishene ya Dipapadi] SASCOC e ka re, nako le nako, ya fana ka dikgothaletso bakeng sa bahlodi ba dipapadi le ba sebetsang ka tsa boikgathollo.??.
Phetolo ya karolo ya 13 ya Molao wa 110 wa 1998
Karolo ya 13 ya Molao o ka sehloohong mona e fetolwa ka?
a ho kenya karolong e nyenyane ya 2 mantswe a reng ??Khomishene ya Dipapadi?? mantsweng a ??SASCOC??;
b ka ho kenya karolong e nyenyane ya 3 mantswe a reng ??Khomishene ya Dipapadi?? mantsweng a reng ??SASCOC??;
c ka ho kenya karolong e nyenyane ya 4 mantswe a reng ??Khomishene ya Dipapadi?? mantsweng a reng ??SASCOC??;
d ho kengwa ha dikarolo tse latelang tse nyenyane:
Le ha ho na le ditlhophiso tsa karolo e nyenyane ya 4, letona le ka kena dipakeng ngangisanong efe kapa efe, tsamaisong efe kapa efe e sa lokang, kapa tabeng efe kapa efe e amanang le dipapadi le boikgathollo e ka behang dipapadi le boikgathollo ka mosing.
Le ha ho na le ditlhophiso tsa karolo e nyenyane ya 5, letona le ke ke la kena dipakeng ditabeng tse mabapi le ho kgethwa ha dihlopha.
Ha le kena dipakeng ka ho ya ka karolo e nyenyane ya 5, letona le ka?
a lebisa taba eo bonamoding; kapa b la fana ka taelo.
Pele le fana ka taelo ka tlsa karolo e nyenyane ya 7b, Letona le lokela hore, ka tsebiso e ngotsweng e fuweng bohle ba amehang?
a le tsebise bao ba amehang ka menyenyetsi le ka maikemisetso a lona a ho fana ka taelo; mme b le nehe ba amehang monyetla wa ho araba matsatsing a 30 ka mora ho ba tsebiso e tswe.
Ntle le ho kgeloha ditokelong tsa bao ba amehang, qeto e nkuweng ka ho ya ka karolo e nyenyane ya 7 e tla ba e tlamang bohle ba amehang.??.
Ho kengwe karolo ya 13A le 13B Molaong wa 110 wa 1998
Dikarolo tse latelang mona di kengwa ka mora karolo ya 13 ya Molao o ka sehloohong:
A. (a) Letona le ka fana ka ditataiso kapa maano a ho kgothaletsa tekatekano, boemedi le tokiso dipapading le boikgathollong.
b Ditataiso kapa maano a jwalo a lokela ho latela diprothokholo, ditumellano le ditshepiso tsa matjhaba.
Ho romelwa ha dipalopalo tsa mekgatlo yohle ya dipapadi kapa ya boikgathollo
B. Mokgatlo ka mong wa dipapadi kapa boikgathollo o lokela hore pele ho la 1 Mmesa selemong se seng le se seng o romele ho Sport and Recreation South Africa ka ho se ngolla, dipalopalo jwalo ka ha ho tla laelwa.??
Ho nkelwa sebaka ha karolo ya 14 ya Molao wa 110 wa 1998
Karolo e latelang mona e nka sebaka sa karolo ya 14 ya Molao o ka sehloohong:
Melawana
Letona, ka mora ho rerisana le [Khomishene ya Dipapadi,] SASCOC, le ka etsa melawana?
a e mabapi le taba efe kapa efe eo ka ho ya ka Molao ona e hlokehang kapa e dumelletsweng ho laelwa;
b e mabapi le ho kengwa tshebetsong ha mananeo a fapaneng a dipapadi le boikgathollo;
c e mabapi le thupelo ya baetapele ba dipapadi le boikgathollo;
d e amanang le ho ba le seabo ha batho ba bangata dipapading le boikgathollong;
f e lokisetsang ditshebeletso tsa tshehetso ya dipapadi;
g e lokisetsang ditshebeletso tsa tshehetso ya boikgathollo;
h e mabapi le mananeo a kgothaletso ya tshebedisano dipapading le boikgathollong;
i e mabapi le ho thusa dipapadi le boikgathollo ka ditjhelete;
j e amanang le dikgothaletso bakeng sa ba atlehileng dipapading le ba sebetsang ka tsa boikgathollo; jA bakeng sa kickboxing, ditebele, karate, wrestling, taekwando, judo le mofuta ofe kapa ofe o mong wa dipapadi tsa ho lwana; jB ho fokotsa menyetla ya ho tswa kotsi papading efe kapa efe kapa ketsahalo ya boikgathollo e fapaneng le ditebele, kickboxing, karate, wresling, taekwando, judo jj.; jC le ho amohela baeti le boiteko bakeng sa diketsahalo tse kgolo tsa matjhaba tsa dipapadi; jD le ho faneng ka dikgau tsa mebala ya naha; jE le ho ela hloko mekgatlo ya dipapadi le boikgathollo;
jF le bakeng sa taolo ya batho ba dipapadi ba tswang dinaheng tse ka ntle mona Afrika Borwa; jG le ho shahla ha indasteri ena; jH le mabapi le diketsahalo tse kotsi tsa dipapadi le boikgathollo; mme k ka kakaretso, le tabeng efe kapa efe e eo letona le ka bonang e hlokeha kapa e potlakile hore ho etswe melawana ka yona bakeng sa ho fihlela eng kapa eng ka ho ya ka Molao ona.??.
Ho hlakolwa ha karolo ya 15 ya Molao wa 110 wa 1998
Karolo ya 15 ya Molao o ka sehloohong mona e a hlakolwa.
Ho nkelwa sebaka ha sehlooho se se telele sa Molao wa 110 wa 1998
Sehlooho se se telele sa Molao o ka sehloohong mona se nkelwa sebaka ke sehlooho sena se se telele se latelang:
MOLAO
Ho lokisetsa kgothaletso le ntshetsopele ya dipapadi le boikgathollo le ho hokahanya dikamano pakeng tsda [Khomishene ya Dipapadi,] Sport and Recreation South Africa le SASCOC, difedereishene tsa naha [le tsa boikgathollo] le di-ejensi tse ding; ho lokisetsa mehato eo sepheo sa yona e leng ho lokisa ho se lekalekane ho leng teng dipapading le boikgathollong; [ho kgothaletsa tekatekano le demokerasi dipapading le boikgathollong;] ho lokisetsa mekgwatshebetso ya tharollo ya dingangisano dipapading le boikgathollong; ho neha letona matla a ho etsa melawana ya tshebetso; le ho lokisetsa ditaba tse amanang le hona.??.
Sehlooho se sekgutshwane
Molao ona o bitswa Phetolo ya Molao wa Naha wa Dipapadi le Boikgathollo, 2006.
MEMORANDAMO WA MAIKEMISETSO A PHETOLO YA BILI YA NAHA YA DIPAPADI LE BOIKGATHOLLO, 2006
MAIKEMISETSO A BILI
HLOPHOLLO KA HO YA KA POLELO KA NNGWE
Bili e lokisetsa tumellano ya boemo ba tshebeletso eo ho lokelwang ho kenwa ho yona ke Lefapha le SASCOC bakeng sa ho thea dikamano tsa molao pakeng tsa Lefapha le SASCOC (Polelo ya 5).
Bili hape e lokisetsa le thupelo ya baetapele ba dipapadi le boikgathollo (Polelo ya 9).
Bili hape e lokisetsa le hore letona le kene dipakeng ka boikgethelo ba lona ngangisanong efe kapa efe, menyenyetsing ya tsamaiso e sa lokang, kapa tabeng efe kapa efe e nngwe e amanang le hoo, dipapading le boikgathollong, ho sa kenyelletswe ditaba tse mabapi le ho kgethwa ha dihlopha (Polelo ya 14).
Bili hape e neha letona matla a ho hlahisa ditataiso kapa maano a ho ntshetsa pele makgabane a tekatekano, boemedi le tokiso dipapading le boikgathollong (Polelo ya 15).
Bili hape e lokisetsa le hore mokga o mong le o mong wa dipapadi kapa boikgathollo o hlahise dipalopalo tsa ditho tsa mokga oo jwalo ka ha ho ka laelwa (Polelo ya 13).
DITHERISANO
Ho rerisanwe le mekga ena e latelang:
Mafapha ohle a mmuso a naha;
Mafapha ohle a diprovinse a dipapadi le boikgathollo;
DITJEO TSE KA BANG TENG TSA DITJHELETE BAKENG SA MMUSO
Letho.
MOKGWATSHEBETSO WA PALAMENTE
Baeletsi ba Molao ba Mmuso mmoho le Lefapha la Dipapadi le Boikgathollo ba na le mohopolo wa hore Bili ena e lokela ho shejwa ka ho ya ka mokgwatshebetso o theilweng ke karolo ya 75 ya Molao wa Motheo ka ha e se na pehelo eo ka yona mokgwatshebetso o hlahisitsweng karolong ya 74 kapa 76 ya Molao wa Motheo e sebetsang ho ona.
Baeletsi ba Molao ba Mmuso ba na le mohopolo wa hore ha ho hlokehe ho romela Bili ena Tlung ya Naha ya Marena ka ho ya ka karolo ya 18 (a) ya Molao wa Boetapele ba Setso le Moralo wa Puso, 2003 (Molao wa No. 41 wa 2003), ka ha e se na dipehelo tse mabapi le molao wa setso kapa ditso tsa baahi ba latelang meetlo.
ISBN 0 621
